Pixley ka Isaka Seme

Pixley ka Isaka Seme (c. 1881 [1] - Pherekhong 1951) e ne e le e mong oa babuelli ba molao ba pele ba batho ba batsho Afrika Boroa (Alfred Mangena e ne e le mmuelli wa molao wa pele wa batho ba batsho, Duma Nokwe, mmuelli wa pele wa batho ba batsho), le mothehi le Mopresidente wa Moafrika Seboka sa Naha.

Bophelo ba bonyaneng.

[fetola | fetola mohloli]

Seme e ne e le mora wa Sinono Kuwana Seme wa bone motseng o bitswang Daggakraal oo ha mmamorao o ileng wa bitswa ka Colony of Natal,seteisheneng sa merero American Zulu sa American Board of Commissioners For Foreign Missions, Inanda. O ile a atleha ho tswa sekolong sa Mount Hermon,MA, ka selemo sa (1902) kete nngwe, makgolo a robong le metso e mmedi. O ne a kena sekolo sa Adams College tlasa morero ole mong.

Mme wa hae e ne e le kgaitsedi ya John Langalibalele Dube, kamora moo a theolwa boreneng. Ha a le dilemo tse (17) leshome le metso e supileng, Seme o ile a tsamaya ho ya mose, America, pele o ile a ya sekolong sa Mount Hermon yaba kamora moo a ya unibesithing ya Columbia. Ka selemo sa (1906) kete nngwe, makgolo a robong le metso e tsheletseng, lemong sa hae sa ho qetela, o ile a abelwa khau ya Curtis Medal, bakeng sa boitshwaro bo botle Columbia. Kamora nakwana o ile a kgetha ho ba moemedi (lawyer). Yaba ka selemo sa (1906) kete nngwe,makgolo a robong le metso e tsheletseng, o ile a amohelwa ho ya balla molao unibesithing ya Oxford, ha antse a le moo o ne a le karolo ya Jesus College. O ne a amohelwe tampeleng e hare ka la 12 Hlakola 1907 a ba a bitsetswa Bara (Bar) ka la 08 Phupjane 1910.

Prixley o ile a kgutla mona Aforika Borwa ka selemo sa (1910) kete nngwe, makgolo a robong le leshome yaba o qalella o balla molao Johannesburg.

Dipolotiki.

[fetola | fetola mohloli]

Ka lemo sa (1911) kete nngwe, makgolo a robong le motso ole mong, Seme o ile a hlaha ka South African Native Farmers Association tlasa morero wa ho kgothatsa basebetsi ba dipolasi ba batsho hore ba reke lefatshe sebakeng sa Daggakraal, a re sena se tla ba thusa hore ba ikemele ka bo bona. Ka bomadimabe, sena se ile sa etsa hore mmuso wa ba basweu o phehisane le taba ya hore batho ba batsho ba be le lefatshe leo e leng la bona, yaba ba hanela batho ba batsho ho ba le lefatshe mona Aforika Borwa.Karabelong ya ho boptjwa ha yunione ya Afrika Borwa, Seme o ile a sebetsa le baetapele ba batjha ba mmalwa ba sa tswa kgutla ho tswa bala dithuto tsa diyunibesithi, England, Richard Msimang, George Montsioa, Alfred Mangena, le ba bang ba ile ba hlaha ka South African Native Convention kwana Johannesburg ho fana ka matla popong ya mokgatlo wa naha o tlang ho kopanya dihlopha tse fapaneng tsa MaAforika ho tswa dibakeng tse fapaneng